27/06/2026
😭💔 KE ILE KA KHETHA KHOTSO HO FETA CHELETE... (QETELLO)
Ke ile ka sheba mohala oa ka nako e telele.ka kelellong hoa tla ‘me’ oa ka eo ke tlamehang ho mofetola seroaloa sa ka,ka ipotsa naa ebe ke ntho eo ke tlae khona ho phela le eona eo naaa,
Qetellong ka o araba.Ka re ka lentsoe le thothomelang:”Ha ke sa batla bophelo bona. Nkang chelete ea lona, nkamoheng botumo ba ka... empa ntloheleng ke phele ka khotso."
Ka lehlakoreng le leng ha hoa ka ha e-ba le karabo hang-hang.
Eaba ho utloahala litšeho tse batang.A re:”Na u nahana h**e ho bonolo hakaalo? Batho ba bangata ba kena, empa ba fokolang haholo ba tsoa."Ka tima mohala.Hang hang Ka bokella linotlolo tsa makoloi a ka, ka siea ntlo eo ke neng ke e hahile ka boikhohomoso, ka tloha ntle le ho nka letho.Ke ile ka khutlela Lesotho.Ke ne ke nahana h**e mohlomong ke tla fumana khotso.Empa bosiu bo b**g le bo b**g ke ne ke ntse ke lora toro e tshoanang monna oa le Nigeria a mpha litaelo tsa polao ea Mme oa ka le tsela eo a tlo hlokahala ka eona
Ke ile ka etsa qeto ea ho bua le batho bao ke ba tšepang.Mme oaka o ile a lla haholo haa utloa litaba tsena empa a ntshoarela,Ba bang ba ile ba nkhothatsa h**e ke fetole bophelo ba ka, ke tlohele ho phela ka mashano, ke amohele liphoso tsa ka, 'me ke qale bocha ka mosebetsi o tšepahalang.Ha hoa ka ha ba bonolo.Ke ile ka lahleheloa ke likonteraka.Ka lahleheloa ke balateli ba bangata.Likoloi tsa rekisoa.Ntlo ea rekisoa.
Batho ba bang ba ile ba nkotla ka mantsoe, ba re ke felile.Empa ka lekhetlo la pele ka mor'a lilemo...Ke ile ka robala bosiu bohle ntle le tšabo.Ke ile ka hlokomela h**e maruo a se nang khotso ha se maruo.Kajeno ke phela bophelo bo bohloko haketsebe h**e naaa mouths oa line tsa ka o tla mphihlela neng kae ke eetsang feela ke ikamohetse ebile ke utloisisa hantle kotlo e ntoketseng ‘me khotso ea ka e boetse ho nna.
Ha ke sa e-na le mabothobotho ao ke neng ke e-na le 'ona, empa ke na le ntho eo chelete e neng e sa khone ho e reka...Khotso ea pelo.Ke ngola pale ena eseng hobane ke batla le nkutloele bohloko, empa hobane ke batla ho bua le mocha e mong le e mong ea potlakelang katleho.Ha ho tsela e khutšoanyane e fetang mosebetsi o tšepahalang, mamello le boitelo.Haeba katleho e hloka h**e u lahleheloe ke khotso, seriti kapa letsoalo la hao...
Ha se katleho.
❤️ Kea leboha bohle ba balileng pale ena ho fihlela qetellong.