30/04/2023
LUMELANG!LUMELANG!LUMELANG! BASOTHO BA KHABANE! . KE RONA BANA HAPE RE HLAHISA KA PELA LONA MOSEBETSI O NTSENG O TSOELA PELE OA HO LE ETSETSA PLAN TSA MATLO TSE NTLE, TSE KHEMANG LE LINAKO.
HLOKOMELA MOSOTHO E MOTLE H**E PLAN KE EONA E TLA U BEBOFALETSA HO KA TSEBA HO BONA H**E NA TORO EA HAO EA KHONEHA NA KAPA CHE HO LATELA SE KA POKOTHONG EA HAO, HOBANE PLAN E LOKELA HO U FA NA U HLOKA HO BOKELETSA (BADGET) HA KAE H**E U TLO TSEBE HO AHA NTLO EA HAO. PLAN EA HAO E LOKELA HO U FA LEIHLO LA MOEA NA HA HAO HO TLA BA JOANG LE PELE U QALA, E SE EBE LE TABA EA H**E SE RE TLA BONA HA E SE PHAHAME NA E BA JOANG. NO! U LOKELA U E BONE E SO QALOE LE HO QALOA KE KA HOO RE BONENG BO HLOKOA BA HO AHA MODEL OA NTLO EA HAO PELE E AHOA H**E E HLE U FE KHOTSOFALO E PHETHAHETSENG. KE LAKATSA HAPE HO BUA KA LITSA TSA RONA TSEO RE AHANG HO TSONA,BOHOLO BA TSONA HA LI KHOLO BO LEKANENG MME SENA SE HLOKA H**E HO RALOE HANTLE NA SEBAKA SE JOALO NA PLAN E TLA LULA JOANG KE KA HOO HO LENG BOHLOKOA HO ETSA SITE INSPECTION H**E KE TSEBE H**E SITE ANALYSIS EA KA E NEPAHALE KE DRAWEE PLAN E TLA AMANA HANTLE LE SITE. MME BATSOALI BA KA TABA EO LE E NKE E LE BOHLOKOA HAHOLO.
BEKE LE BEKE HO TLA LULA HO ENA LE SEHLAHISOA SE SECHA SEO RE SE HLAHISANG KA PELA LONA HOBA MOSEBETSI OA RONA KE HO ETSA SE BATLAONG KE LONA E SE SE RATOANG KE NNA. KE TLA TATAISA MOO HO HLOKAHALANG EMPA TORO HO PHETHAHALE EA LONA. SEO RE SE ETSANG KE MAIKUTLO HO TSOA HO LONA MME REA LEBOHA RE KOPA LEA RE FE ONA HOBA A RE THUSA HO NEPA LE HO TLISA KHOLO HO RONA.
HE BANNA! KA ITHOKA JOALE KA LEBALA HO LE FA NA SETLABOCHA SENA SE BOPUOE JOANG: KAMORE TSE BOROKO LI 3 TSA BANA LE EA BATSOALI, BATH EA BANA, BATH EA BATSOALI E NA LE WALK-IN-CLOSET, KAMORE TSE PELI TSA MAKOLOI, KAMORE EA HO PHEHELA, KAMORE EA BOLULO LE SITOUT TSE PELI MME MME PELA PRIVATE SITOUT RE NA LE 🏊 SWIMMING POOL..
NTHO ENA E FELETSE KA HARA SITE EA 25 X 25. BATSOALI SENA KE SE ETSA H**E LE LEMOHE H**E PLAN HA SE FELA HO TAKA EMPA LE H**E NA ELINTHO LI LUTSE LE HO NYALLANA JOANG. LULANG SE SETSE LEQEPHE LENA MORAO LE MPOTSE LIPOTSO LE HO BATLA TLHAKISETSO KA SOHLE SE AMANG MOAHO KE TLA LEKA KA MATLA HO LE ARABA LE HO LE TATAISA. AROLELA EA HAUFI LE OENA LEQEPHE LENA LE ENA A FUMANE MOLEMO. REA LEBOHA BASOTHO BA BATLE..LIKHOMO.......