Lesotho Online News

Lesotho Online News News and vacancies

LEPOLESA LE LELEKOA MOSEBETSINGMookameli oa Sepolesa sa Lesotho o behelletse Police Constable (P/C) Molapo Molapo (35) o...
04/09/2026

LEPOLESA LE LELEKOA MOSEBETSING

Mookameli oa Sepolesa sa Lesotho o behelletse Police Constable (P/C) Molapo Molapo (35) oa Tlhanyaku Mokhotlong, ea neng a sebetsa seteisheneng sa Sepolesa Hlotse, Leribe ka thoko ho mosebetsi, ka mor’a ho nyamela mosebetsing ho tloha ka la 14 Motšeanong 2026.

Superintendent Sello Marou ea sebetsang Ofising ea Mohiri, Ntlo-Kholo ea Sepolesa Maseru, o re ka mor’a h**e sepolesa se elelloe h**e P/C Molapo o nyametse mosebetsing, se ile sa etsa mekutu eohle ea ho fumana moo a leng teng empa sa tea kalala.

Le ha ho le joalo, o re ka mor’a ho fumana monyenyetsi oa h**e moo a teng o ntse a bolokehile, mookameli o ile a mo ngolla lengolo la ho re na ke ka mabaka a feng a ke keng a behelloa ka thoko ho mosebetsi ka la 27 Phupu 2026.

A re lengolo leo le ile la fuoa khaitseli’a hae eo sepolesa se fumaneng h**e o ntse a bua le eena.

Supt. Marou o re ka la 17 Phuptjane 2026, bookameli bo ile ba nka qeto ea ho behella P/C Molapo ka thoko ho mosebetsi ho latela Molao o Tsamaisang Sepolesa.

O phethetse ka ho ipiletsa ho mapolesa a ntseng a le mosebetsing, ho baballa mosebetsi ka ha o sokoleha haholo moraong ona.

A re ba tšepahalle kano eo ba e nkileng. A khothaletsa batsoali le ba malapa ho etsa tšalo-morao ho bana ba bona le beng ka bona ba sepoleseng ho re na boitšoaro ba bona bo joang.

A re ba khaleme le ho eletsa mapolesa ho thusa Mookameli oa Sepolesa ho ba kenya taolong.

Bohle ba mo tsebileng e le lepolesa, ba tsebe ho re ha e sa le lona.

Ke Labohlano la majoala Shoprite Liquor- Redd's C***r (Dry & Original): Buy 2 for M40.00- Maluti Premium L***r: Buy 2 fo...
04/09/2026

Ke Labohlano la majoala Shoprite Liquor

- Redd's C***r (Dry & Original): Buy 2 for M40.00

- Maluti Premium L***r: Buy 2 for M40.00

- Castle Milk Stout (750ml): Buy 2 for M44.00

Offers valid while stocks last. Drink responsibly. Not for persons under the age of 18.

LEKASE O NTLOANA-TŠOANA KA PELAELLO EA POLAO EA MOCHAUFA OA MORALIA’EBereng “Lekase” Majoro  (60)  oa Lesia Ha Thetsane,...
04/09/2026

LEKASE O NTLOANA-TŠOANA KA PELAELLO EA POLAO EA MOCHAUFA OA MORALIA’E

Bereng “Lekase” Majoro (60) oa Lesia Ha Thetsane, Maseru o hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Maseru, ka la 1 Loetse 2026; a qosoa ka polao ea motho.

O theohetse ka Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa, ’me o tla boela a hlaha khotla hape ka la 15 Loetse 2026.

Puisanong le Sub Inspector (Sub-Insp.) Ntebaleng Motjamela ea sebetsang Ofising ea Mafokisi Ha Thetsane, o re ba fumane mohala ho tsoa Sepetlele sa Likotsi ka la 30 Phato 2026, o tlaleha ha ho amohetsoe motho oa monna ea fihlileng a le maqeba a ho hlajoa le ho khakhathoa; le ho re o se a felletsoe ke bophelo.

Sub-Insp. Motjamela o re nyeoe e ile ea buloa, ’me liphuputso tsa thakholoa. O re tsona li sibollotse h**e moqosuoa le motho e mong ea ntseng a batloa, ba fihlile ha morali oa moqosuoa bosiu ho robetsoe, eaba ba bonesa morali oa moqosuoa le mochaufa oa hae mahlong, ba qalella ho khakhatha mochaufa eo ba bile ba mo hlaba ka sebetsa se bohale ka le reng h’a tšoare morali oa moqosuoa hantle.

Sub-Insp. Motjamela o re ka mor’a moo, moqosuoa le eo, ba ile ba tsamaea. O re morali o ile a tehela ba habo mochaufa oa hae mohala, bao ba tla, ho tla mo isa sepetlele moo a felletsoeng ke bophelo teng. Moqosuoa o lletsoe ke litšepe ka la 31 Phato 2026, ka mor’a ho re ’muelli oa hae a nehelane ka eena sepoleseng Ha Thetsane.

Sub-Insp. Motjamela o phethetse ka ho ipiletsa ho sechaba ho se inkele molao matsohong ba mpe ba batle tharollo. A re batsoali ba kene litaba tsa likamano tsa marato a bana ba bona ka morero oa ho namola moo likhohlano li leng teng.

-LMPS

"𝐊𝐞 𝐄𝐭𝐬𝐞𝐥𝐢𝐭𝐬𝐨𝐞 𝐋𝐞𝐧𝐠𝐨𝐥𝐨 𝐥𝐚 𝐁𝐨𝐤𝐮𝐧𝐲𝐚𝐭𝐚 𝐤𝐞 𝐌𝐨𝐧𝐧'𝐚𝐤𝐚"—𝐋𝐢𝐤𝐨𝐭𝐬𝐢'Mantsane Likotsi o bolelletse Komiti ea Paramente e alositseng ...
02/09/2026

"𝐊𝐞 𝐄𝐭𝐬𝐞𝐥𝐢𝐭𝐬𝐨𝐞 𝐋𝐞𝐧𝐠𝐨𝐥𝐨 𝐥𝐚 𝐁𝐨𝐤𝐮𝐧𝐲𝐚𝐭𝐚 𝐤𝐞 𝐌𝐨𝐧𝐧'𝐚𝐤𝐚"—𝐋𝐢𝐤𝐨𝐭𝐬𝐢

'Mantsane Likotsi o bolelletse Komiti ea Paramente e alositseng Tšebeliso ea Lichelete tsa Sechaba (PAC) h**e o sebetsa Sepetlele sa Queen ’Mamohato Memorial Hospital ka lengolo la bokunyata leo a le etselitsoeng ke monna oa hae oa mehleng 𝐊𝐡𝐨𝐭𝐬𝐨 𝐌𝐚𝐭𝐚𝐛𝐚𝐧𝐞.

Likotsi ea nang le lengolo la Mothusi Booking (𝙉𝙪𝙧𝙨𝙞𝙣𝙜 𝘼𝙨𝙨𝙞𝙨𝙩𝙖𝙣𝙩), ho tsoa sekolong sa booki sa National Health Training College, o re Matabane eo e leng mopolotiki ea tsebahalang ka har’a Kobo-Tata (ABC), kabo 2019 o ile a mo hlophela h**e a fumane lengolo le mo lumellang ho sebetsa e le mothusi booking a sa ngola litlhahlobo tseo a neng a lokela ho li ngola pele a fuoa lengolo (𝘦𝘯𝘵𝘳𝘺 𝘪𝘯𝘵𝘰 𝘱𝘳𝘢𝘤𝘵𝘪𝘤𝘦 𝘦𝘹𝘢𝘮𝘪𝘯𝘢𝘵𝘪𝘰𝘯 / 𝑙𝘪𝑐𝘦𝑛𝘴𝑢𝘳𝑒 ).

Mantsane ore o lonngoe ke ena monna oa hae oa mehleng sepoleseng kaha ba ntse ba tsekisana bana

Lekhotla la Booki Lesotho, le tiisitse h**e botho ba Likotsi ke ba lefofo, 'me le mothating oa ho bo hlakola, le hoja mookameli oa lona 𝐅𝐥𝐚𝐯𝐢𝐚 𝐌𝐨𝐞𝐭𝐬𝐚𝐧𝐚 𝐏𝐨𝐤𝐚, a bonahetse a meneka ho ngolla Likotsi lengolo le tobileng la ho hlakola botho ba hae, ho fihlela PAC e mo laela ho etsa joalo.

Likotsi a ka ’na a qhautsoa ke sepolesa neng kapa neng ka qoso oa bomenemene (fraud) kaha a ne a tseba hantle ha a sebelisa lengolo leo h**e ke la bokunyata.

- The Post

Bona bohlasoa bo Maseru District Hospital (Queen 2)
02/09/2026

Bona bohlasoa bo Maseru District Hospital (Queen 2)

TLHOKOMELISO EA 'MUSO KA TOKISO EA LITSELA E NTSENG E TSOELAPELE!Basebelisi ba tsela le sechaba ka kakaretso ba hlokomel...
01/09/2026

TLHOKOMELISO EA 'MUSO KA TOKISO EA LITSELA E NTSENG E TSOELAPELE!

Basebelisi ba tsela le sechaba ka kakaretso ba hlokomelisoa ka tokiso ea litsela e ntseng e tsoelapele likarolong tsa litsela tse latelang:

1. Nchafatso ea tsela ea lehlohlojane ea Auray – Motau (D3041), Mantšonyane, Thaba Tseka.

2. Nchafatso ea tsela ea lehlohlojane ea 'Mamathe – Mahlatsa, (B121) Berea.

3. Nchafatso ea tsela ea lehlohlojane ho tloha FTC ho ea Mohlanapeng (A3), Thaba Tseka.

4. Tokiso ea tsela ea A4 ho tloha Ha Mosi ho ea Ha Nthunya, Qacha’s Nek.

5. Tokiso ea tsela ea Ha 'Nyane - Likoung, Thaba Tseka (D3041-01).

6. Khaho bocha ea borokho ba Mjanyane, Bolepeletsa tseleng ea C421, Quthing.

7. Khaho ea tsela ea letšoana Ha Paramente – Ha Mpharoane (C142 & B104) Seboche, Butha-Buthe.

8. Khaho bocha ea kotopo tseleng ea A1 Tabola, Leribe.

9. Khaho bocha ea borokho ba litšepe Ha Mootsinyane, Maphutšeng, Mohale’s Hoek.

10. Tokiso ea tsela ea Linakaneng ho ea Manamaneng, Thaba Tseka (D3012-01).

11. Ho pentoa le tokiso ea tsela ea Village Gate – Foso (B311), Berea.

12. Tokiso ea tsela ea Semonkoaneng - Ramosothoana, Mohale's Hoek (D5006-01, D5006-02 & D5006-03).

13. Nchafatso ea tsela ea lehlohlojane ea Waterfall – Mosuoe (D4014), Qacha's Nek.

14. Tokiso ea tsela ea A4 ho tloha Ha Mpiti ho ea Ha Sekake, Qacha’s Nek.

15. Khaho bocha ea tsela ea lehlohlojane ea Maqhena – Motsemocha (D2017), Mohale’s Hoek.

16. Tokiso ea tsela ea Seretse Khama ho ea lelibohong la Maputsoe (A12), Leribe.

17. Khaho bocha ea kotopo tseleng ea A3-14 Ha Shoaepane, Thaba Tseka.

18. Nchafatso ea tsela ea A1 ho tloha Kotsie ho ea Mokhotlong, sepetlele.

19. Nchafatso ea tsela ea A41 ho tloha Ha Mpiti ho ea lelibohong la Qacha’s Nek.

20. Nchafatso ea tsela ea lehlohlojane Van Rooyen’s – Litšoeneng – Tšakholo (B212), Mafeteng.

21. Nchafatso ea tsela ea lehlohlojane ea Pitseng ho ea Koasa (B804), Leribe.

22. Nchafatso ea tsela ea lehlohlojane ho tloha Taung ho ea Matebeng (A4), Thaba Tseka.

23. Khaho bocha ea borokho ba Matebeng (A4), Qacha’s Nek.

24. Nchafatso le katoloso ea tsela ea A5 ho tloha St. Michael’s ho ea Roma (A5), Maseru.

25. Khaho bocha ea borokho ba litšepe Ha Ramapepe, Leribe .

26. Nchafatso ea tsela ea lehlohlojane ea Thifa – Mosaqane (D4101), Qacha’s Nek.

27. Ho pentoa le tokiso ea tsela ea Makhalanyane – Meeling (B31), Maseru.

28. Tokiso ea tsela ea lehlohlojane ea Matukeng – Mokhalinyane (B321), Maseru.

29. Ho pentoa le tokiso ea tsela ea A2 ho tloha Moshoeshoe I International Airport – ho ea Motsekuoa, Maseru.

30. Ho pentoa le tokiso ea tsela ea Thabong - Lakeside (B20), Maseru.

31. Nchafatso ea tsela ea lehlohlojane ea Holy Cross – Sooko (D2007), Mohale’s Hoek.

32. Nchafatso ea tsela ea lehlohlojane ea Seaka - Ketane (B28), Mohale’s Hoek.

33. Tokiso ea tsela ea A5 ho tloha Roma ho ea Ha Sekake, Maseru.

34. Tokiso ea tsela ea Malealea (B252-01), Mafeteng.

35. Nchafatso ea tsela ea lehlohlojane ea ‘Makhoroana – Lieta (D1306), Berea.

36. Tokiso ea tsela ea Butha-Buthe – Caledonspoort (A13).

37. Nchafatso ea tsela ea lehlohlojane ea Mokhotlong – ‘Malefiloane (B106).

38. Ho pentoa le tokiso ea tsela ea Seputana – Maqalika (B60), Maseru.

39. Khaho bocha ea kotopo Bela Bela tseleng ea C132, Berea.

40. Tokiso ea tsela ea A2 Motsekuoa ho ea selikalikoeng sa sephethephethe sa Mafeteng.

Setsi sa Litsela se eletsa bakhanni ho theola lebelo libakeng tsena tse boletsoeng le ho ela hloko matšoao a beiloeng libakeng tsohle tsa tšebetso.

Tlaleho e hlaha ofisoing ea liphatlalatso ea 'muso.

Water and Sewerage Company - WASCO  e kopuoa kapele Sekamaneng hao qeta hofeta Ikhetheleng o leba Ha Foso kahara motse l...
01/09/2026

Water and Sewerage Company - WASCO e kopuoa kapele Sekamaneng hao qeta hofeta Ikhetheleng o leba Ha Foso kahara motse lethompo le phahlohile

U se tseba joang sesepa see?
31/08/2026

U se tseba joang sesepa see?

Company ea Chairperson ea board ea LEC e fuoe mosebetsi oa ho hlahloba libuka tsa lichelete tsa eona LEC
31/08/2026

Company ea Chairperson ea board ea LEC e fuoe mosebetsi oa ho hlahloba libuka tsa lichelete tsa eona LEC

30/08/2026

Their graduates, bophelo hase mangolo fela. That enlightenment ea sekolo eka u thusa h**e u iphelise

Address

Maseru

Telephone

+26656497018

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Lesotho Online News posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Shortcuts

Share